Jeremia
19 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “E-ea, ’me u nke botlolo ea letsopa ea sebōpi+ le banna ba bang ba baholo sechabeng le banna ba bang ba baholo ba baprista. 2 U ee phuleng ea bara ba Hinome,+ e Hekeng ea Mangeta. ’Me moo u phatlalatse mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.+ 3 U tla re, ‘Utloang lentsoe la Jehova, Lōna marena a Juda le lōna baahi ba Jerusalema.+ Sena ke seo Jehova oa mabotho,+ Molimo oa Iseraele, a se boletseng:
“‘“Bonang! ke tlisa tlokotsi sebakeng sena, eo ha mang kapa mang a utloa ka eona, litsebe tsa hae li tlang ho hlohlona;+ 4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+ 5 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba chese bara ba bona mollong e le linyehelo tse feletseng tsa secheso tse eang ho Baale,+ ntho eo ke neng ke sa e laela kapa ka bua ka eona,+ le e sa kang ea hlaha pelong ea ka.”’+
6 “‘“Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “ao ka ’ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitsoa Tofethe+ le phula ea mora oa Hinome,+ empa se tla bitsoa phula ea polao. 7 Ke tla etsa morero oa Juda le oa Jerusalema lefeela sebakeng sena, ’me ke tla etsa hore ba lihuoe ka sabole ka pel’a lira tsa bona le ke letsoho la ba batlang meea ea bona.+ Ke tla fa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tsa lefatše litopo tsa bona hore e be lijo tsa tsona.+ 8 Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi.+ E mong le e mong oa ho qetela ea fetang ho oona o tla o sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa oona.+ 9 Ke tla etsa hore ba je nama ea bara ba bona le nama ea barali ba bona; ’me e mong le e mong o tla ja nama ea oa habo, ka lebaka la bothata le ka lebaka la khatello eo lira tsa bona le ba batlang meea ea bona ba tlang ho ba pota-pota ka eona.”’+
10 “U pshatle botlolo ka pel’a mahlo a batho ba tsamaeang le uena. 11 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ka tsela e tšoanang ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalokaha motho a pshatla sejana sa sebōpi hoo se sa hloleng se khona ho lokisoa;+ ’me ba tla pata litopo Tofethe+ ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata.”’+
12 “‘Ke tla etsa joalo ka sebaka sena,’ ho bolela Jehova, ‘le ho baahi ba sona, ke etse le motse ona joaloka Tofethe.+ 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba joaloka sebaka sa Tofethe,+ a sa hloekang, ke hore, matlo ’ohle ao marulelong a ’ona ba ileng ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo+ mosi oa sehlabelo ’me ba tšollela melimo e meng nyehelo ea seno.’”+
14 Jeremia a khutla Tofethe,+ moo Jehova a neng a mo rometse teng ho ea profeta, ’me a ema lebaleng la ntlo ea Jehova eaba o re ho sechaba sohle:+ 15 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke tlisetsa motse ona le metse eohle ea oona tlokotsi eohle eo ke e buileng khahlanong le oona, kahobane ba satalalitse melala hore ba se ke ba mamela mantsoe a ka.’”+