Jeremia
34 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, ha Nebukadrezare morena oa Babylona+ le lebotho lohle la hae la sesole+ le mebuso eohle ea lefatše, puso e tlas’a letsoho la hae,+ le lichaba tsohle li loantša Jerusalema le metse eohle ea eona,+ le re:
2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘E-ea, ’me u re ho Tsedekia morena oa Juda,+ e, u re ho eena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bona! ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babylona,+ ’me o tla o chesa ka mollo.+ 3 U ke ke ua phonyoha letsohong la hae, kahobane ruri u tla tšoaroa ’me ho nehelanoe ka uena letsohong la hae.+ Mahlo a hao a tla bona mahlo a morena oa Babylona,+ molomo oa hae o tla bua le molomo oa hao, ’me u tla tla Babylona.’ 4 Leha ho le joalo, utloa lentsoe la Jehova, Uena Tsedekia morena oa Juda, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le uena: “U ke ke ua bolaoa ka sabole. 5 U tla shoa ka khotso;+ ’me joaloka licheso tsa bo-ntat’ao, marena a pele a bileng teng pele ho uena, ka ho tšoanang ba tla u etsetsa secheso, ’me ‘Oho, Uena monghali!’+ ke seo ba tla se bolela ha ba u llela,+ etsoe ‘ke buile lentsoe lena,’ ho bolela Jehova.”’”’”
6 Moprofeta Jeremia a bolella Tsedekia morena oa Juda mantsoe+ ana ’ohle Jerusalema, 7 ha mabotho a sesole a morena oa Babylona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng,+ Lakishe+ le Azeka;+ etsoe eona, metse e etselitsoeng liqhobosheane,+ ke eona e neng e setse har’a metse ea Juda.
8 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka mor’a hore Morena Tsedekia a hlabe selekane le sechaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho phatlalatsa tokoloho ho sona,+ 9 hore e mong le e mong a tlohele hore mohlanka oa hae le lekhabunyane la hae, monna oa Moheberu+ le mosali oa Moheberu, ba lokolohe, e le hore ba se ke ba ba sebelisa e le bahlanka, ke hore, Mojuda, eo e leng mor’abo.+ 10 Kahoo likhosana+ tsohle tsa mamela, le sechaba sohle se neng se kene selekaneng sa hore ba tlohele bahlanka le makhabunyane a lokolohe, e le hore ba se ke ba hlola ba ba sebelisa e le bahlanka, ba mamela ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.+ 11 Empa ka mor’a moo ba reteleha+ ’me ba qala ho khutlisa bahlanka le makhabunyane ao ba neng ba a tlohetse hore a tsamaee, ’me ba qala ho ba beha tlaase e le bahlanka le makhabunyane.+ 12 Ka lebaka leo lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, la re:
13 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ke hlabile selekane le baholo-holo+ ba lōna letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta,+ ka tlung ea bahlanka,+ ka re: 14 “Bofelong ba lilemo tse supileng e mong le e mong a tlohele mor’abo hore a tsamaee,+ monna oa Moheberu,+ eo u mo rekiselitsoeng+ le ea u sebelelitseng ka lilemo tse tšeletseng; u mo lokolle hore a tlohe ho uena.” Empa baholo-holo ba lōna ha baa ka ba ’mamela, kapa ba sekeha tsebe.+ 15 Sokolohang kajeno ’me le etse se lokileng mahlong a ka ka ho phatlalatsa tokoloho e mong le e mong ho motsoalle oa hae, ’me le hlabe selekane ka pel’a ka+ ka tlung e ’nileng ea bitsoa ka lebitso la ka.+ 16 Joale lea reteleha+ ’me le hlompholla lebitso la ka+ ’me le khutlisa e mong le e mong mohlanka oa hae le lekhabunyane la hae, bao le ileng la ba tlohela hore ba tsamaee tumellanong le meea ea bona, ’me le ba beha tlaase hore e be bahlanka ba lōna le makhabunyane a lōna.’+
17 “Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ha lea ’mamela ka ho tsoela pele le phatlalatsa tokoloho+ e mong le e mong ho mor’abo le e mong le e mong ho motsoalle oa hae. Bonang! ke phatlalatsa tokoloho ho lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘saboleng,+ lefung la seoa+ le tlaleng,+ ’me ka sebele ke tla nehelana ka lōna mebusong eohle ea lefatše hore le thothomele.+ 18 Ke tla nehelana ka batho ba hlokomolohang selekane sa ka,+ ka hore ebe ha baa ka ba phetha mantsoe a selekane seo ba se hlabileng ka pel’a ka ka namane eo ba e sehileng likoto tse peli+ e le hore ba fete pakeng tsa likotoana tsa eona;+ 19 e leng, likhosana tsa Juda le likhosana tsa Jerusalema,+ balaoli ba lekhotla le baprista le sechaba sohle sa naha se ileng sa qala ho feta pakeng tsa likotoana tsa namane— 20 e, ke tla nehelana ka bona matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona;+ litopo tsa bona e tla ba lijo tsa libōpuoa tse fofang tsa maholimo le tsa liphoofolo tsa lefatše.+ 21 Ke tla nehelana ka Tsedekia morena oa Juda+ le likhosana tsa hae matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang meea ea bona le matsohong a mabotho a sesole a morena oa Babylona+ a ikhulang hore a se ke a le hlasela.’+
22 “‘Bonang! kea laela,’ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ke tla ba khutlisetsa motseng ona,+ ’me ba tla o loantša ’me ba o hape ’me ba o chese ka mollo;+ ’me ke tla etsa metse ea Juda lesupi le se nang moahi.’”+