Jeremia
37 Morena Tsedekia+ mora oa Josiase+ a qala ho busa sebakeng sa Konia+ mora oa Jojakime,+ eo Nebukadrezare morena oa Babylona a ileng a mo etsa morena naheng ea Juda.+ 2 Eena le bahlanka ba hae le sechaba sa naha eo ha baa ka ba mamela mantsoe a Jehova+ ao a a buileng ka moprofeta Jeremia.+
3 Morena Tsedekia a romela Jukale+ mora oa Shelemia le Sofonia+ mora oa moprista Maseia+ ho moprofeta Jeremia, a re: “Ka kōpo, re rapelle ho Jehova Molimo oa rōna.”+ 4 Jeremia o ne a kena ’me a tsoa har’a sechaba,+ kaha ba ne ba e-s’o mo kenye ka tlung ea botlamuoa. 5 Ho ne ho e-na le lebotho la sesole la Faro le tsoang Egepeta;+ eaba Bakalde ba neng ba thibeletse Jerusalema ba utloa tlaleho ka lona. Kahoo ba ikhula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Jeremia, la re: 7 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Sena ke seo le tla se bolella morena oa Juda, ea le rometseng ho ’na hore le mpotse:+ “Bonang! Lebotho la Faro le tlang ho lōna ka morero oa ho thusa le tla lokela ho khutlela naheng ea lona, Egepeta.+ 8 Ka sebele Bakalde ba tla khutla ’me ba loantše motse ona ba o hape ’me ba o chese ka mollo.”+ 9 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Le se ke la thetsa meea ea lōna, la re, ‘Ruri Bakalde ba tla tloha ho rōna,’ hobane ba ke ke ba tloha. 10 Etsoe haeba le ne le bolaile lebotho lohle la Bakalde ba le loantšang+ ’me ho bona ho ne ho setse banna ba hlabiloeng,+ ba ne ba tla phahama e mong le e mong tenteng ea hae ’me ba chese motse ona ka mollo.”’”
11 Eare ha lebotho la Bakalde le ikhutse hore le se ke la futuhela Jerusalema+ ka lebaka la lebotho la sesole la Faro,+ 12 Jeremia a qala ho tloha Jerusalema ho ea naheng ea Benjamine+ le ho fumana karolo ea hae hona teng har’a sechaba. 13 Kahoo ha a le Hekeng ea Benjamine+ molaoli ea tšoereng bolebeli, eo lebitso la hae e leng Irija mora oa Shelemia mora oa Hanania, o ne a le moo. Hang-hang a tšoara moprofeta Jeremia, a re: “U tla oela ka ho Bakalde!” 14 Empa Jeremia a re: “Ke leshano!+ Nke ke ka oela ka ho Bakalde.” Empa ha aa ka a mo mamela. Kahoo Irija a tšoara Jeremia ’me a mo tlisa ho likhosana. 15 Likhosana+ tsa qala ho halefela Jeremia,+ ’me tsa mo otla+ eaba li mo kenya ka tlung ea litlamo,+ ka tlung ea mongoli Jonathane,+ etsoe ke eona eo ba neng ba e entse ntlo ea litlamo.+ 16 Ha Jeremia a kena ka tlung ea seliba+ le ka likamoreng tse nang le marulelo a chitja, joale Jeremia a ’na a lula moo ka matsatsi a mangata.
17 Morena Tsedekia a romeletsa ’me a mo tlisa, eaba morena o qala ho mo botsa lipotso ka tlung ea hae sebakeng seo ho ipatoang ho sona.+ A tsoela pele ho re: “Na ho na le lentsoe le tsoang ho Jehova?” Eaba Jeremia o re: “Le teng!” A boela a re: “Ho tla nehelanoa ka uena letsohong la morena oa Babylona!”+
18 Joale Jeremia a re ho Morena Tsedekia: “Ke u sitetsoe ka tsela efe le bahlanka ba hao le sechaba see,+ hoo le nkentseng ka tlung ea litlamo? 19 Joale ba hokae baprofeta ba lōna ba le profetetseng, ba re, ‘Morena oa Babylona a ke ke a le futuhela le ho futuhela naha ee’?+ 20 Joale ka kōpo mamela, khosi ea ka morena. Ka kōpo, e se eka kōpo ea ka ea mohau+ e ka oela ka pel’a hao, ’me u se ke ua nkhutlisetsa ka tlung ea mongoli Jonathane,+ e le hore ke se ke ka shoela teng.”+ 21 Tumellanong le hoo Morena Tsedekia a laela, eaba ba kenya Jeremia litlamong Lebaleng la Balebeli;+ o ne a fuoa polokoe ea bohobe letsatsi le leng le le leng e tsoang seterateng sa baapehi,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a tsoela pele ho lula Lebaleng la Balebeli.+