Hosea
10 “Baiseraele ke sefate sa morara se bolileng.+ Ba ntse ba ipehela litholoana. Ka ho lekanang le bongata ba litholoana tsa bona ba atisitse lialetare+ tsa bona. Ka ho lekanang le molemo oa naha ea bona, ba hlomile lifika tse molemo.+ 2 Lipelo tsa bona li fetohile tse tletseng boikaketsi;+ joale ba tla fumanoa ba le molato.
“Ho na le ea tla heletsa lialetare tsa bona; o tla tlatlapa lifika tsa bona.+ 3 Etsoe joale ba tla re, ‘Ha re na morena,+ etsoe ha rea tšaba Jehova. Mabapi le morena, o tla re etsetsa eng?’
4 “Ba bua mantsoe, ba etsa likano tsa bohata,+ ba hlaba selekane;+ ’me kahlolo e hlometse joaloka semela se chefo litseleng tsa mehoma tsa naha e sabaletseng.+ 5 Baahi ba Samaria ba tla tšoha ka lebaka la setšoantšo sa namane se rapeloang sa Bethe-avene;+ etsoe ka sebele batho ba eona ba tla siama ka lebaka la sona, hammoho le baprista ba sona ba molimo osele ba neng ba se thabela, ka lebaka la khanya ea sona, hobane se tla be se ile kholehong hōle le eona.+ 6 E mong o tla e tlisa Assyria e le mpho ho morena e moholo.+ Efraime e tla hlajoa ke lihlong,+ ’me Iseraele e tla hlajoa ke lihlong ka morero oa eona.+ 7 Ka sebele Samaria le morena oa eona ba tla khutsisoa,+ joaloka lekala le ponngoeng le ka holim ’a metsi. 8 Libaka tse phahameng tsa Bethe-avene,+ sebe sa Iseraele,+ li tla felisoa. Meutloa le lihlabahlabane+ li tla hlaha lialetareng+ tsa bona. Batho ba tla re ho lithaba, ‘Re koaheleng!’ le ho maralla, ‘Re oeleng holimo!’+
9 “Le entse sebe+ ho tloha matsatsing a Gibea,+ Lōna Baiseraele. Moo ba ile ba ema. Ntoa khahlanong le bara ba ho se loke ha ea ka ea ba fihlela Gibea.+ 10 Ke tla boela ke ba laea ha e le takatso ea ka.+ Ka sebele lichaba li tla bokelloa khahlanong le bona ha ba panelloa liphosong tsa bona tse peli.+
11 “Efraime e ne e le khomo ea sethole e koetlisitsoeng e ratang ho pola;+ ’me ke ile ka feta holim ’a molala oa hae o motle. Ke etsa hore e mong a palame Efraime.+ Juda oa lema;+ Jakobo oa mo ekhela.+ 12 Itjalleng peō ka ho loka;+ kotulang tumellanong le mosa o lerato. Itemeleng thite,+ ha ho sa na le nako ea ho batla Jehova ho fihlela a tla+ ’me a le rupela ka ho loka.+
13 “Le lemile bokhopo.+ Le kotutse ho se loke.+ Le jele litholoana tsa thetso, kaha le tšepile tsela ea lōna,+ letšoeleng la ba matla ba lōna.+ 14 Ho hlahile moferefere har’a batho ba lōna,+ ’me metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane kaofela e tla tlatlaptjoa,+ joaloka ho tlatlaptjoa ha ba ntlo ea Arbele ke Shalmane, letsatsing la ntoa ha ’mè a ne a robakanngoa haufi le bara ba hae.+ 15 Ka sebele e mong o tla le etsa ka tsela ena, Lōna ba Bethele, ka lebaka la bobe ba lōna bo fetisisang. Ha mafube a hlaha ka sebele morena oa Iseraele o tla lokela ho khutsisoa.”+