Amose
7 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! o ne a etsa sehlopha sa litsie ha ho qala ho hlaha se jaloang hamorao.+ Bonang! E ne e le se jaloang hamorao ka mor’a joang bo kutiloeng ba morena. 2 Eitse ha se qetile ho ja limela tsa naha, ka re: “’Musi Morena Jehova, ka kōpo, tšoarela.+ Ke mang ea tla ema oa Jakobo? Etsoe o monyenyane!”+
3 Jehova a ikutloa a soabile ka lebaka la sena.+ “Ho ke ke ha etsahala,” ho boletse Jehova.
4 Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! ’Musi Morena Jehova o ne a bitsa hore ho be le tsekisano a sebelisa mollo;+ oa qala ho chesa boliba bo boholo ’me oa chesa tšimo. 5 Ka re: “’Musi Morena Jehova, ka kōpo, tlohela.+ Ke mang ea tla ema oa Jakobo? Etsoe o monyenyane!”+
6 Jehova a ikutloa a soabile ka lebaka la sena.+ “Seo, le sona, se ke ke sa etsahala,” ho boletse ’Musi Morena Jehova.
7 Sena ke seo a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! Jehova o ne a eme lerakong le entsoeng ka sekitiloto, ’me ho ne ho e-na le sekitiloto letsohong la hae. 8 Joale Jehova a re ho ’na: “U bona eng, Amose?” Kahoo ka re: “Sekitiloto.” Jehova a tsoela pele a re: “Bona! ke beha sekitiloto har’a batho ba ka ba Iseraele. Nke ke ka hlola ke ba lokolla molatong.+ 9 Ka sebele libaka tse phahameng tsa Isaka+ li tla etsoa lesupi, le lihalalelo+ tsa Iseraele li tla ripitloa; ’me ke tla tsohela ntlo ea Jeroboame matla ka sabole.”+
10 Amazia moprista oa Bethele+ a romeletsa ho Jeroboame+ morena oa Iseraele, a re: “Amose o u reretse bolotsana ka har’a ntlo ea Iseraele.+ Naha ha e khone ho mamella mantsoe ’ohle a hae.+ 11 Etsoe sena ke seo Amose a se boletseng, ‘Jeroboame o tla shoa ka sabole; ha e le Iseraele, ruri e tla ea kholehong ho tsoa naheng ea habo eona.’”
12 Amazia a re ho Amose: “Uena ea bonang lipono,+ tsamaea, u balehele naheng ea Juda, ’me moo u je bohobe, ’me moo u ka profeta. 13 Empa u se ke ua hlola u profeta ka ho eketsehileng+ Bethele, etsoe ke sehalalelo sa morena+ ’me ke ntlo ea ’muso.”
14 Joale Amose a araba ’me a re ho Amazia: “Ke ne ke se moprofeta, kapa hona hore ke ne ke le mora oa moprofeta;+ empa ke ne ke le mohlokomeli oa liphoofolo le ea khang lifeiga tsa lifate tsa sikamora. 15 Jehova o ile a ntlosa hore ke se ke ka latela mohlape, ’me Jehova a qala ho re ho ’na, ‘Tsamaea, u profetele batho ba ka ba Iseraele.’+ 16 Joale utloa lentsoe la Jehova, ‘Na u re: “U se ke ua profeta khahlanong le Iseraele,+ ’me u se ke ua lumella lentsoe ho tsoa+ khahlanong le ntlo ea Isaka”? 17 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ha e le mosali oa hao, o tla fetoha letekatse motseng. Ha e le bara ba hao le barali ba hao, ba tla oa ka sabole. Ha e le naha ea heno, e tla aroloa ka ropo ea ho lekanya. Ha e le uena, u tla shoela naheng e sa hloekang;+ ha e le Iseraele, ruri e tla ea kholehong ho tsoa naheng ea habo eona.”’”+