Nahume
2 Ea hasanyang o hlahile ka pel’a sefahleho sa hao.+ Ho ke ho sireletsoe sebaka se etselitsoeng qhobosheane. Lebela tsela. Matlafatsa matheka. Eketsa matla haholo.+
2 Etsoe ka sebele Jehova o tla bokella khanya ea Jakobo,+ joaloka khanya ea Iseraele, hobane ba horulang ba ba horutse;+ ’me letlōbō la bona ba le sentse.+
3 Thebe ea banna ba hae ba matla e fetotsoe ’mala hore e be khubelu; banna ba hae ba mafolofolo ba apere krimsone.+ Koloi ea ntoa e na le mollo oa lintho tse entsoeng ka tšepe letsatsing la ho itokisa ha hae, ’me marumo a sefate sa junipere+ a entsoe hore a thothomele. 4 Likoloi tsa ntoa li ntse li matha ka lebelo literateng.+ Li ntse li mathela holimo le tlaase mapatlelong. Ponahalo ea tsona e joaloka lirumula. Li ntse li matha joaloka mahalima.+
5 O tla hopola ba hlomphehang ba hae.+ Ba tla khoptjoa ho tsamaeeng ha bona.+ Ba tla potlakela lerakong la hae, ’me lerako le thibellang le tla lokela ho tiisoa ka thata. 6 Ka sebele liheke tsa linōka tsa bona li tla buloa, ’me ntlo ea ’muso e tla qhibiliha. 7 Ho se ho tiisitsoe; o hlobolisitsoe; ka sebele o tla nkoa,+ ’me makhabunyane a hae a tla bobola, joaloka molumo oa maeba,+ a ntse a ikotla ka ho pheta-pheta lipelong tsa ’ona.+ 8 Ninive, ho tloha matsatsing ao e bileng teng ka ’ona,+ e ne e le joaloka letamo la metsi; empa baa baleha. “Emang! Emang!” Empa ha ho le ea mong ea khutlang.+
9 Tlatlapang silevera; tlatlapang khauta;+ kaha ha ho na tekanyo linthong tse hlophisitsoeng. Ho na le lenane le leholo la lintho tse lakatsehang tsa mefuta eohle.
10 Ho hloka letho le lefeela, le motse o fetohileng lesupi!+ Pelo ea nyahama,+ le mangole aa tšerema,+ ’me bohloko bo boholo bo mathekeng ’ohle;+ ha e le lifahleho tsa bona kaofela, li bokeletse ho phatsima ha ho feha matšoafo.+ 11 Selao sa litau se hokae, le lehaha la litaoana tse moetse, moo tau e neng e tsamaea le ho kena,+ moo lelinyane la tau le neng le le hona teng, ’me ho se ea neng a etsa hore li thothomele?+ 12 Tau e ne e rusolla ka ho lekaneng bakeng sa malinyane a eona, ’me e ne e fenetha bakeng sa litauhali tsa eona. E ile ea boloka mekoti ea eona e tletse liphofu le libaka tseo e ipatang ho tsona li tletse liphoofolo tse tsekolotsoeng.+
13 “Bona! Ke khahlanong le uena,” ho bolela Jehova oa mabotho,+ “’me ke tla chesa koloi ea hae ea ntoa ka har’a mosi.+ Hape sabole e tla timetsa litaoana tsa hao tse moetse.+ Ke tla tlosa liphofu tsa hao lefatšeng, ’me lentsoe la manģosa a hao ha le sa tla hlola le utluoa.”+