Numere
13 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Romela banna bakeng sa hao hore ba hloele naha ea Kanana, eo ke e fang bara ba Iseraele.+ Le tla romela monna a le mong bakeng sa moloko ka mong oa bo-ntat’ae, e mong le e mong e be morenana+ har’a bona.”
3 Kahoo Moshe a ba romela ho tloha lefeelleng la Parane+ ka taelo ea Jehova. Banna bao bohle e ne e le lihlooho tsa bara ba Iseraele. 4 Ana ke mabitso a bona: Molokong oa Rubene, e le Shamua mora oa Zakure; 5 molokong oa Simeone, e le Shafate mora oa Hori; 6 molokong oa Juda, e le Kalebe+ mora oa Jefune; 7 molokong oa Isakare, e le Igale mora oa Josefa; 8 molokong oa Efraime, e le Hoshea+ mora oa Nune; 9 molokong oa Benjamine, e le Palti mora oa Rafu; 10 molokong oa Zabulone, e le Gadiele mora oa Sodi; 11 molokong oa Josefa,+ bakeng sa moloko oa Manase,+ e le Gaddi mora oa Susi; 12 molokong oa Dane, e le Amiele mora oa Gemali; 13 molokong oa Ashere, e le Sethure mora oa Mikaele; 14 molokong oa Nefthali, e le Nabi mora oa Vofsi; 15 molokong oa Gade, e le Geuele mora oa Maki. 16 Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ea hloela naha. Moshe a tsoela pele ho reha Hoshea mora oa Nune lebitso la Joshua.+
17 Ha Moshe a ba roma ho ea hloela naha ea Kanana, a re ho bona: “Nyolohang mona le ee Negebe,+ ’me le nyolohele sebakeng se lithaba.+ 18 Le bone hore na naha eo e joang+ le batho ba lulang ho eona, hore na ba matla kapa baa fokola, hore na ba ’maloa kapa ba bangata; 19 le hore na naha eo ba lulang ho eona e joang, hore na e ntle kapa e mpe, le hore na metse eo ba lulang ho eona e joang, hore na ke liahelo kapa liqhobosheane; 20 le hore na naha e joang, hore na e nonne kapa e otile,+ hore na ho na le lifate ho eona kapa che. Le be sebete+ ’me le nke tse ling tsa litholoana tsa naha.” Joale matsatsi ao e ne e le matsatsi a litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa morara.+
21 Kahoo ba nyoloha ’me ba hloela naha ho tloha lefeelleng la Zine+ ho ea Rehobe+ ho ea fihla moo ho kenoang teng Hamathe.+ 22 Ha ba nyolohela Negebe,+ joale ba fihla Hebrone.+ Joale teng ho ne ho e-na le Akimane, Sheshai le Talmai,+ ba tsoaletsoeng Anake.+ Hebrone+ e ne e hahiloe lilemo tse supileng pele ho Zooane+ ea Egepeta. 23 Ha ba fihla phuleng ea molapo o phoroselang ea Eshkole,+ joale ba khaola letlōbō le nang le lesihla le le leng la morara.+ Ba qala ho le jarisa banna ba babeli holim ’a palo, le likharenate+ le lifeiga. 24 Ba reha sebaka seo phula ea molapo o phoroselang ea Eshkole,+ ka lebaka la lesihla leo bara ba Iseraele ba le khileng moo.
25 Qetellong bofelong ba matsatsi a mashome a mane+ ba khutla ho hloeleng naha. 26 Kahoo ba tsamaea ’me ba fihla ho Moshe le Arone le phutheho eohle ea bara ba Iseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba khutlisetsa lentsoe ho eena le ho phutheho eohle ’me ba ba bontša litholoana tsa naha. 27 Ba tsoela pele ho mo tlalehela ’me ba re: “Re kene naheng eo u re rometseng ho eona, ’me ruri e phalla lebese le mahe a linotši,+ ’me tsena ke litholoana tsa eona.+ 28 Leha ho le joalo, ’nete ke hore batho ba lulang naheng eo ba matla, le metse eo ea liqhobosheane e meholo haholo;+ hape, re bone ba tsoetsoeng ke Anake teng.+ 29 Baamaleke+ ba lula naheng ea Negebe,+ ’me Bahethe le Bajebuse+ le Baamore+ ba lula sebakeng se lithaba, ’me Bakanana+ ba lula pel’a leoatle le pel’a lehlakore la Jordane.”
30 Joale Kalebe+ a leka ho khutsisa sechaba pel’a Moshe ’me a tsoela pele ho re: “A re nyoloheng, ’me re tla e hapa, hobane ruri re ka e hlōla.”+ 31 Empa banna ba ileng ba nyoloha le eena ba re: “Re ke ke ra khona ho futuhela batho bao, hobane ba matla ho re feta.”+ 32 Eaba ba ntse ba tlisetsa bara ba Iseraele tlaleho e mpe+ ka naha eo ba e hloetseng, ba re: “Naha eo re fetileng ho eona ho ea e hloela, ke naha e jang baahi ba eona; ’me batho bohle bao re ba boneng har’a eona ke batho ba boholo bo sa tloaelehang. 33 Moo re bone Banefilime, bara ba Anake,+ ba tsoang ho Banefilime; hoo mahlong a rōna re ileng ra tšoana le marutle, le mahlong+ a bona ra ba ka tsela e tšoanang.”