Numere
17 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Bua le bara ba Iseraele ’me u nke molamu o le mong+ ho bona bakeng sa lelapa ka leng la habo ntat’a bona ho marenana ’ohle a bona,+ ka matlo a bo-ntat’a bona, melamu e leshome le metso e ’meli. U tla ngola lebitso la e mong le e mong molamung oa hae. 3 U tla ngola lebitso la Arone molamung oa Levi, hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ea ntlo ea bo-ntat’a bona. 4 U e behe ka tenteng ea pokano ka pel’a Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng kamehla ho uena.+ 5 Monna eo ke mo khethang,+ molamu oa hae o tla ba le lithunthung, ’me ka sebele ke tla etsa hore ho nkorotlela+ ha bara ba Iseraele ho kokobele, hoo ba le korotlelang ka hona.”+
6 Kahoo Moshe a bua le bara ba Iseraele, ’me marenana ’ohle a bona a qala ho mo fa molamu bakeng sa morenana e mong le e mong, molamu bakeng sa morenana e mong le e mong, ka matlo a bo-ntat’a bona, melamu e leshome le metso e ’meli;+ ’me molamu oa Arone o ne o le har’a melamu+ ea bona. 7 Joale Moshe a beha melamu eo ka pel’a Jehova ka tenteng ea Bopaki.+
8 Eitse letsatsing le hlahlamang ha Moshe a kena ka tenteng ea Bopaki, bonang! molamu oa Arone bakeng sa ntlo ea Levi o ne o e-na le lithunthung, o ne o hlahisitse lithunthung ’me o ne o thuntse lipalesa o e-na le lialmonde tse butsoitseng. 9 Joale Moshe a ntša melamu eohle ka pel’a Jehova a e tlisa ho bara bohle ba Iseraele, ’me ba qala ho talima ’me monna e mong le e mong a nka molamu oa hae.
10 Ka mor’a moo Jehova a re ho Moshe: “Khutlisetsa molamu+ oa Arone ka pel’a Bopaki e le ho lokelang ho bolokoa bakeng sa pontšo+ ho bara ba borabele,+ hore ho nkorotlela ha bona ho khaotse, ba tle ba se ke ba shoa.” 11 Hang-hang Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa joalo.
12 Bara ba Iseraele ba qala ho bolella Moshe sena: “Joale re tla shoa, re tla timela, kaofela re tla timela.+ 13 Mang kapa mang ea atamelang,+ ea tlang haufi le tabernakele ea Jehova, o tla shoa!+ Na re tla qetella re felile ka tsela eo?”+