Joshua
11 Eitse hang ha Jabine morena oa Hazore a utloa seo, a qala ho romeletsa ho Jobabe morena oa Madone+ le ho morena oa Shimrone le morena oa Akshafe,+ 2 le ho marena a neng a le ho ea ka leboea sebakeng se lithaba le lithoteng tsa lehoatata ka boroa ho Kinerethe+ le Shefela+ le matsoapong a Dore+ ho ea ka bophirimela, 3 Bakanana+ ho ea ka bochabela le bophirimela, le Baamore+ le Bahethe+ le Bapereze+ le Bajebuse+ sebakeng se lithaba le Baheve+ botlaaseng ba Hermone+ naheng ea Mizpa.+ 4 Kahoo a tloha, ’ona hammoho le mabotho ’ohle a ’ona, sechaba se sengata joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle ka bongata,+ le lipere tse ngata haholo+ le likoloi tsa ntoa. 5 Joale marena ana ’ohle a kopana hammoho ka taetsano eaba aa tla ’me a hloma liahelo hammoho metsing a Merome ho loantša Baiseraele.+
6 Eaba Jehova o re ho Joshua: “U se ke ua tšoha ka lebaka la ’ona,+ etsoe hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla a tlohela kaofela hore a bolaoe ke Baiseraele. U tla khaola lipere tsa ’ona mesifa,+ ’me u tla chesa likoloi tsa ’ona mollong.”+ 7 Joshua hammoho le batho bohle ba ntoa ba a tsometsa ho sika le metsi a Merome le ho ba oela holimo. 8 Joale Jehova a nehelana ka ’ona matsohong a Baiseraele,+ eaba ba qala ho a loantša le ho a lelekisa ho ea fihla Sidone+ e nang le baahi ba bangata le Misrefothe-maime+ le thoteng ea Mizpe+ ho ea ka bochabela; ba ’na ba a bolaea ho fihlela ba sa siea mophonyohi oa ’ona.+ 9 Ka mor’a moo Joshua a a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo boleletse: lipere tsa ’ona a li khaola mesifa,+ ’me likoloi tsa ’ona tsa ntoa a li chesa mollong.+
10 Ho feta moo, Joshua a reteleha nakong eo+ ’me a hapa Hazore;+ a bolaea morena oa eona ka sabole,+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ea mebuso ena eohle. 11 Ba qala ho bolaea moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole, ba ba nehela timetso.+ Ho hang ha ho ntho e phefumolohang e ileng ea sala,+ ’me a chesa Hazore mollong. 12 Joshua a hapa metse eohle ea marena ana le marena ’ohle a eona ’me a a bolaea ka bohale ba sabole.+ A a nehela timetso,+ feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a laetse.+ 13 Ke feela metse eohle e emeng litutulung tsa eona eo Baiseraele ba sa kang ba e chesa, haese hore Joshua o ile a chesa Hazore e le ’ngoe. 14 Thepa eohle e hapuoeng ea metse ena le liphoofolo tse ruuoang bara ba Iseraele ba ile ba itlatlapela tsona.+ Ke moloko oohle oa batho feela oo ba ileng ba o hlasela ka bohale ba sabole ho fihlela ba o felisitse.+ Ha baa ka ba siea mang kapa mang ea phefumolohang.+ 15 Feela joalokaha Jehova a ne a laetse mohlanka oa hae Moshe, Moshe a laela Joshua joalo,+ ’me Joshua a etsa joalo. Ha aa ka a tlosa lentsoe ho sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.+
16 Joshua a nka naha ena eohle, sebaka se lithaba le Negebe+ eohle le naha eohle ea Goshene+ le Shefela+ le Araba+ le sebaka se lithaba sa Iseraele le Shefela ea eona,+ 17 ho tloha Thabeng ea Halake,+ e nyolohelang Seire,+ le ho ea fihla Baale-gade+ thoteng ea Lebanone botlaaseng ba Thaba ea Hermone,+ ’me a hapa marena ’ohle a eona eaba o qala ho a hlasela le ho a bolaea.+ 18 Joshua a loana le marena ana ’ohle ka matsatsi a mangata. 19 Ha hoa ka ha e-ba le motse o ileng oa etsa khotso le bara ba Iseraele haese Baheve+ ba ahileng Gibeone.+ E meng eohle ba ile ba e nka ka ntoa.+ 20 Etsoe e ile ea e-ba tsela ea Jehova ho lumella hore lipelo tsa eona li be manganga+ e le hore e ka phatlalatsa ntoa khahlanong le Baiseraele, e le hore a ka e nehela timetso, hore e se ke ea amoheleha,+ empa e le hore a ka e felisa, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+
21 Ho feta moo, ka nako eo Joshua a tloha ’me a felisa Baanake+ sebakeng se lithaba, ho tloha Hebrone, ho tloha Debire, ho tloha Anabe+ le ho tloha sebakeng sohle se lithaba sa Juda le ho tloha sebakeng sohle se lithaba sa Iseraele.+ Joshua a ba nehela timetso hammoho le metse ea bona.+ 22 Ha ho Baanake ba ileng ba sala naheng ea bara ba Iseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23 Kahoo Joshua a nka naha eohle, ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se tšepisitse Moshe,+ ’me joale Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona, ho ea ka meloko ea eona.+ Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+