1 Samuele
11 Nahashe Moammone+ a qala ho nyoloha ’me a hloma liahelo khahlanong le Jabeshe+ e Gileade. Eaba banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hlaba selekane le rōna e le hore re ka u sebeletsa.”+ 2 Joale Nahashe Moammone a re ho bona: “Ke tla se hlaba le lōna ka tumellano ena, ka tumellano ea ho honya+ leihlo le leng le le leng la lōna le letona, ’me ke tla le beha e le nyeliso ho Baiseraele bohle.” 3 Eaba banna ba baholo ba Jabeshe ba re ho eena: “Re fe nako ea matsatsi a supileng, ’me re tla romela manģosa naheng eohle ea Iseraele ’me, haeba re se na mopholosi,+ joale re tla tsoela ho uena.” 4 Ka mor’a nako manģosa a tla Gibea+ ea Saule ’me a bua mantsoe ana moo sechaba se ntseng se utloa, eaba sechaba sohle se qala ho phahamisa mantsoe ’me sea lla.+
5 Empa bonang! Saule o setse mohlape morao ho tsoa naheng, eaba Saule o re: “Molato ke’ng ka sechaba, hore ebe sea lla?” Ba qala ho mo phetela mantsoe a banna ba Jabeshe. 6 Moea+ oa Molimo oa sebetsa ho Saule ha a utloa mantsoe ana, ’me bohale ba hae ba tuka haholo.+ 7 Kahoo a nka lipoho tse peli eaba o li poma likoto ’me o li romela naheng eohle ea Iseraele+ ka matsoho a manģosa, o re: “Mang kapa mang oa rōna ea sa tsoeng e le molateli oa Saule le Samuele, ho tla etsoa ka tsela ena ka likhomo tsa hae!”+ Tšabo ea Jehova+ ea qala ho oela ho sechaba hoo se ileng sa tsoa joaloka motho a le mong.+ 8 Joale a ba bala+ Bezeke, ’me bara ba Iseraele ba e-ba likete tse makholo a mararo, ’me banna ba Juda ba e-ba likete tse mashome a mararo. 9 Joale ba re ho manģosa a neng a tlile: “Sena ke seo le tla se bolella banna ba Jabeshe e Gileade, ‘Hosasane poloko e tla ba teng bakeng sa lōna ha letsatsi le chesa.’”+ Eaba manģosa aa tla ’me a bolella banna ba Jabeshe, eaba baa thaba. 10 Ka lebaka leo banna ba Jabeshe ba re: “Hosasane re tla tsoela ho lōna, ’me le tla etsa tumellanong le sohle se molemo mahlong a lōna.”+
11 Eitse letsatsing le hlahlamang Saule+ a beha batho ka lihlopha tse tharo;+ eaba ba tsamaela bohareng ba liahelo nakong ea tebelo ea hoseng+ ’me ba qala ho bolaea Baammone+ ho fihlela letsatsi le chesa. Ha ho e-na le ba setseng, joale ba qala ho hasanngoa ’me ha hoa ka ha sala har’a bona ba babeli ba le hammoho.+ 12 Sechaba sa qala ho re ho Samuele: “Ke mang ea reng, ‘Saule—na e lokela ho ba morena oa rōna?’+ Nehelanang ka batho bao, e le hore re ka ba bolaea.”+ 13 Leha ho le joalo, Saule a re: “Ha ho motho ea lokelang ho bolaoa letsatsing lena,+ hobane kajeno Jehova o tlisitse poloko Iseraele.”+
14 Hamorao Samuele a re ho sechaba: “Tloong ’me re eeng Gilgale+ e le hore re ka nchafatsa borena moo.”+ 15 Kahoo sechaba sohle sa ea Gilgale, eaba se etsa Saule morena ka pel’a Jehova Gilgale. Joale sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova,+ ’me moo Saule le batho bohle ba Iseraele ba tsoela pele ho thaba ka tekanyo e khōlō.+