5 Bonang, ke le rutile melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa ka a ntaetse, hore le etse ka tsela eo naheng eo le eang ho e rua.
5Moshe a bitsa Baiseraele+ bohle a re ho bona: “Lōna Baiseraele, utloang melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli+ tseo ke li buang kajeno moo le ntseng le utloa, le ithute tsona ’me le ele hloko ho li phetha.+
6“Joale tsena ke litaelo, melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli tseo Jehova Molimo oa lōna a laetseng hore le li rutoe,+ e le hore le li phethe naheng eo le fetelang ho eona ho ea e rua;