16 Le mokete oa kotulo ea litholoana tsa pele tse butsoitseng+ tsa mesebetsi ea lōna, tsa seo le se jalang tšimong;+ le mokete oa ho bokella ha selemo se fela, ha le bokella mesebetsi ea lōna tšimong.+
12 “‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la khoeli+ ea bosupa le lokela ho tšoara kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi o boima oa mofuta leha e le ofe,+ ’me le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+
14 Joale tsa fumana ho ngotsoe molaong oo Jehova a neng a o laetse ka Moshe+ hore bara ba Iseraele ba lokela ho lula maphepheng+ nakong ea mokete ka khoeli ea bosupa,+