LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 5:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “‘Leha ho le joalo, haeba o sa khone ho fana ka nku,+ joale o tlise ho Jehova maebana-khoroana+ a mabeli kapa maebana a mabeli e le nyehelo ea molato bakeng sa sebe seo o se entseng, le leng bakeng sa nyehelo ea sebe+ ’me le leng bakeng sa nyehelo ea secheso.

  • Levitike 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “‘Joale haeba o se na matla+ a ho fumana maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, joale bakeng sa nyehelo ea oona ea sebe seo o se entseng o tlise karolo ea leshome ea efa+ ea phofo e thumisehileng bakeng sa nyehelo ea sebe. O se ke oa tšela oli+ holim ’a eona ’me o se ke oa beha libano tse tšoeu holim ’a eona, etsoe ke nyehelo ea sebe.+

  • Levitike 12:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Empa haeba a ke ke a khona ho fana ka nku, joale a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli,+ le leng bakeng sa nyehelo ea secheso le leng bakeng sa nyehelo ea sebe, ’me moprista a koahele libe+ tsa hae, ’me e tla ba ea hloekileng.’”

  • Levitike 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “Leha ho le joalo, haeba e le motho ea tlaase+ ’me a se na matla a lekaneng,+ joale a nke pheleu e le ’ngoe e nyenyane e le nyehelo ea molato bakeng sa nyehelo e tsokoang e le hore a koahele libe tsa hae le karolo ea leshome ea efa ea phofo e thumisehileng e kolobisitsoeng ka oli e le nyehelo ea lijo-thollo le tekanyo ea loge ea oli,

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share