Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 34:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 esere la hlaba selekane le baahi ba naha, kaha ka sebele ba tla ba le likamano tse litšila le melimo ea bona+ ’me ba etsetse melimo ea bona mahlabelo,+ ’me ka sebele e mong o tla le mema, ’me ka sebele le tla ja mahlabelo a hae.+

  • Levitike 20:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 joale, ka sebele ke tla tjamela motho eo le lelapa+ la hae, ’me ruri eena le bohle ba bang le likamano tse litšila hammoho le eena ka ho ba le likamano tse litšila+ le Moloke ke tla ba felisa har’a sechaba sa habo bona.

  • Deuteronoma 31:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+

  • Jeremia 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho na le polelo e reng: “Haeba monna a ka re mosali oa hae a tsamaee ’me a tloha ho eena ’me ea e-ba oa monna e mong, na monna eo o lokela ho khutlela ho eena hape?”+

      Na ka sebele naha eo ha ea silafatsoa?+

      “U entse botekatse le metsoalle e mengata;+ ’me na u lokela ho khutlela ho ’na?”+ ho bolela Jehova.

  • Ezekiele 23:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ha aa ka a tlohela liketso tsa hae tsa botekatse tseo a li nkileng Egepeta, etsoe ba robetse le eena ho tloha bocheng ba hae, ke bona ba patisitseng lifuba tsa boroetsana ba hae ’me ba ’na ba tšollela likamano tsa bona tse litšila holim ’a hae.+

  • Jakobo 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Basali ba bafebi,+ na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?+ Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle+ oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela