Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 18:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Egepeta, eo le ileng la lula ho eona, e etsang ka eona;+ le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Kanana, eo ke le isang ho eona, e etsang ka eona;+ ’me le se ke la tsamaea ka litaelo tsa bona tse hlomamisitsoeng.

  • Levitike 18:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “‘Le se ke la itšilafatsa ka e ’ngoe ea lintho tsena, hobane lichaba tseo ke li tlosang ka pel’a lōna li itšilafalitse ka lintho tsena tsohle.+

  • Deuteronoma 12:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 U itebele esere ua tšoasoa ke tsona,+ ka mor’a hore li felisoe ka pel’a hao, esere ua botsa mabapi le melimo ea tsona, ua re, ‘Lichaba tsee li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? ’Me ’na, e, ’na, ke tla etsa ka tsela e tšoanang.’

  • Jeremia 10:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ho hang le se ke la ithuta litsela tsa lichaba,+ ’me le se ke la tšosoa ke lipontšo tsa maholimo, hobane lichaba li tšosoa ke tsona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela