9 Letsatsing la bosupa o tla beola moriri oohle oa hlooho+ ea hae le selelu sa hae le lintši tsa hae. E, o lokela ho beola moriri oohle oa hae, ’me a hlatsoe liaparo tsa hae le ho hlatsoa ’mele oa hae metsing; a hloeke.
12 Ea joalo o lokela ho itlhoekisa ka ’ona ka letsatsi la boraro,+ ’me ka letsatsi la bosupa o tla hloeka. Empa haeba a sa itlhoekise ka letsatsi la boraro, joale ka letsatsi la bosupa a ke ke a hloeka.
19 Ha e le lōna, hlomang liahelo ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ea bolaileng moea+ le e mong le e mong ea amileng ea bolailoeng,+ le itlhoekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lōna le baholehuoa ba lōna.