Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 38:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Halofo ea shekele bakeng sa motho ka mong e ne e le halofo ea shekele ho ea ka shekele ea sebaka se halalelang, bakeng sa monna e mong le e mong ea neng a fetela ho ba ngolisitsoeng ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo,+ ea e-ba likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 1:46
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 46 e, bohle ba ngolisitsoeng ba bile likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 1:49
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 49 “Ke moloko oa Levi feela oo u ke keng ua o ngolisa, ’me u se ke ua o bala har’a bara ba Iseraele.+

  • Numere 2:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Bana ke ba neng ba ngolisitsoe ho bara ba Iseraele ho ea ka matlo a bo-ntat’a bona; bohle ba ngolisitsoeng ba lihlopha tse mabothong a bona ba ne ba le likete tse makholo a tšeletseng a metso e meraro le makholo a mahlano le mashome a mahlano.+

  • Numere 14:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Litopo tsa lōna li tla oa+ lefeelleng lena, e, bohle ba ngolisitsoeng har’a lōna palong eohle ea lōna ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo, lōna ba nkorotletseng.+

  • Nehemia 9:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ua etsa hore bara ba bona ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo.+ Joale ua ba kenya naheng+ eo u neng u e tšepisitse baholo-holo ba bona+ hore ba lokela ho kena ho eona hore ba e rue.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela