8 Jehova a bua ka ho eketsehileng le Arone: “Ha e le ’na, bona! ke u file hore u hlokomele menehelo eo ke e etsetsoang.+ Lintho tsohle tse halalelang tsa bara ba Iseraele ke li file uena le bara ba hao e le kabelo, e le kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
19 Menehelo+ eohle e halalelang, eo bara ba Iseraele ba tla e nehela ho Jehova, ke u file eona le bara ba hao le barali ba hao, e le kabelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Ke selekane sa letsoai ho isa nakong e sa lekanyetsoang ka pel’a Jehova bakeng sa hao hammoho le bana ba hao.”+
5 Ke ’nete, banna ba tsoang ho bara ba Levi+ ba amohelang boemo ba bona ba boprista ba na le taelo ea ho bokella likarolo tsa leshome+ ho batho+ ho ea ka Molao, ke hore, ho barab’abo bona, esita le haeba ba tsoile lethekeng la Abrahama;+