9 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Juda ke likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e tšeletseng le makholo a mane mabothong a bona. Ba lokela ho tloha e le ba pele.+
16 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Rubene ke likete tse lekholo le mashome a mahlano a motso o mong le makholo a mane le mashome a mahlano mabothong a bona, ’me ba lokela ho tloha e le ba bobeli.+
17 “Ha tente ea pokano+ e tloha, liahelo tsa Balevi+ li tla ba bohareng ba liahelo.
“Feela joalokaha ba lokela ho hloma liahelo, ba lokela ho tloha joalo,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ea ka lihlopha tsa bona tsa meloko e meraro.
24 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Efraime ke likete tse lekholo le metso e robeli le lekholo mabothong a bona, ’me ba lokela ho tloha e le ba boraro.+
31 “Bohle ba ngolisitsoeng liahelong tsa Dane ke likete tse lekholo le mashome a mahlano a metso e supileng le makholo a tšeletseng. Ba lokela ho tloha e le ba ho qetela+—ho ea ka lihlopha tsa bona tsa meloko e meraro.”