2 “Halaletsang bakeng sa ka letsibolo le leng le le leng le letona le bulang pōpelo e ’ngoe le e ’ngoe har’a bara ba Iseraele, har’a batho le liphoofolo. Ke la ka.”+
26 “‘Ke letsibolo feela har’a liphoofolo, le tsoetsoeng e le letsibolo ho Jehova,+ leo ho seng motho ea lokelang ho le halaletsa. Ebang ke poho kapa nku, ke la Jehova.+
13 Etsoe letsibolo le leng le le leng ke la ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla letsibolo le leng le le leng naheng ea Egepeta+ ke ile ka halaletsa letsibolo le leng le le leng la Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke ’na Jehova.”