Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 32:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 ’me e mong le e mong oa lōna ea hlometseng o tla tšela Jordane ka pel’a Jehova, ho fihlela a leleka lira tsa hae ka pel’a hae,+

  • Numere 32:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 empa bahlanka ba hao ba tla tšela, e mong le e mong a hlometse bakeng sa lebotho,+ ka pel’a Jehova bakeng sa ntoa, feela joalokaha moren ’a ka a bua.”

  • Numere 32:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Eaba Moshe oa ba fa, ke hore, bara ba Gade+ le bara ba Rubene+ le halofo ea moloko oa Manase+ mora oa Josefa, ’muso oa Sihone+ morena oa Baamore le ’muso oa Oge+ morena oa Bashane, naha eo e neng e le ea metse ea eona libakeng tsa eona, le metse ea naha eo ho potoloha ka hohle.

  • Joshua 1:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Basali ba lōna, bana ba lōna ba banyenyane le liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla lula naheng eo Moshe a le fileng eona ka lehlakoreng lena la Jordane;+ empa le tla feta ka tlhophiso ea ntoa+ ka pel’a barab’abo lōna, banna bohle ba matla ba sebete,+ ’me le tla ba thusa.

  • Joshua 1:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Hang ha Jehova a fa barab’abo lōna phomolo ho tšoana le lōna ’me le bona ba ruile naha eo Jehova Molimo oa lōna a ba fang eona,+ le lōna le tla khutlela naheng ea lefa la lōna ’me le e rue,+ eo Moshe mohlanka oa Jehova a le fileng eona ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochaba-tsatsi.’”+

  • Joshua 4:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase+ ba feta ka tlhophiso ea ntoa+ mahlong a bara ba Iseraele, feela joalokaha Moshe a ne a ba boleletse.+

  • Joshua 22:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ka nako eo Joshua a bitsa Barubene le Bagade le halofo ea moloko oa Manase+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela