2 A re: “Joale, ka kōpo, maren ’a ka, fapohelang ka tlung ea mohlanka oa lōna ’me le hlole bosiu ’me maoto a lōna a hlatsuoe.+ Joale le tsohe hoseng haholo le tsamaee.”+ Eaba a re: “Che, empa re tla hlola bosiu lepatlelong.”+
20 Leha ho le joalo, monna-moholo eo a re: “E se eka u ka ba le khotso!+ Leha e le eng e u haellang e ke e be holim ’a ka.+ Feela u se ke ua hlola bosiu lepatlelong.”
7 Na hase hore le arolele ea lapileng bohobe,+ le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna?+ Hore, haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese,+ le hore le se ke la ipatela nama ea lōna?+