LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Genese 18:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena ka nako e behiloeng, selemong se tlang ka nako ena, ’me Sara o tla ba le mora.”

  • Joshua 10:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eitse ha ba ntse ba baleha ka pel’a Baiseraele ’me ba le motheōng oa Bethe-horone, Jehova a lahlela holim ’a bona majoe a maholo+ a tsoang maholimong ho ea fihla Azeka, hoo ba ileng ba shoa. Ho ile ha e-ba le ba bangata ba shoeleng ka lebaka la majoe a sefako ho feta bao bara ba Iseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole.

  • Baahlodi 4:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Jehova a qala ho ferekanya+ Sisera le likoloi tsohle tsa hae tsa ntoa le liahelo tsohle ka bohale ba sabole ka pel’a Barake. Qetellong Sisera a theoha koloing ’me a baleha ka maoto.

  • 1 Samuele 7:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Eitse ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ea secheso, Bafilista ba atamela bakeng sa ho loantša Baiseraele. Joale Jehova a etsa hore ho be le sealuma se lerata le phahameng+ letsatsing leo khahlanong le Bafilista, e le hore a ka ba ferekanya;+ ba hlōloa ka pel’a Baiseraele.+

  • Pesaleme 135:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 O nyolla mouoane pheletsong ea lefatše;+

      O entse mekoallo ea metsi bakeng sa pula;+

      O hlahisa moea matlong a hae a polokelo,+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share