LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 22:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Eaba morena o re ho limathi+ tse emeng pel’a hae: “Retelehang ’me le bolaee baprista ba Jehova, hobane matsoho a bona le ’ona a na le Davida le hobane ba ne ba tseba hore ke ’malehi ’me ha baa ka ba ho senola tsebeng ea ka!”+ Bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho otlolla matsoho a bona ho hlasela baprista ba Jehova.+

  • 1 Samuele 26:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ka mor’a nako banna ba Zife+ ba tla ho Saule Gibea,+ ba re: “Na Davida ha aa ipata leralleng la Hakila,+ le shebaneng le Jeshimone?”+

  • Pesaleme 54:sehloohwana-7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi oa liletsa tse likhoele. Maskile. Ea Davida. Ha Bazife ba tla ’me ba re ho Saule: “Na Davida ha aa ipata ho rōna?”+

      54 Molimo, u mpholose ka lebitso la hao,+

      E se eka u ka buella nyeoe ea ka ka matla a hao.+

       2 Molimo, u utloe thapelo ea ka;+

      U mamele lipolelo tsa molomo oa ka.+

       3 Etsoe basele ba ntsohetse matla,

      Le bahatelli ba batlang moea oa ka.+

      Ha baa beha Molimo ka pel’a bona.+ Selah.

       4 Bonang! Molimo ke mothusi oa ka;+

      Jehova o har’a ba tšehetsang moea oa ka.

       5 O tla busetsa bobe ho lira tsa ka;+

      Ba khutsise ka ’nete ea hao.+

       6 Ke tla u etsetsa sehlabelo ka ho rata.+

      Jehova, ke tla roka lebitso la hao, kaha le letle.+

       7 Etsoe o ntopolotse mahlomoleng ’ohle,+

      Leihlo la ka le talimile lira tsa ka.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share