10 Sena ke selekane sa ka seo le tla se boloka, pakeng tsa ka le lōna, esita le peō ea hao e tlang ka mor’a hao:+ E mong le e mong e motona ho lōna a bolotsoe.+
3 Empa ntat’ae le ’m ’ae ba re ho eena: “Na ha ho na mosali har’a barali ba barab’eno le har’a sechaba sohle sa heso,+ hoo u eang ho nka mosali ho Bafilista ba sa bollang?”+ Ho ntse ho le joalo Samsone a re ho ntat’ae: “Mphumanele eena, hobane ke eena ea lokileng mahlong a ka.”
18 Joale a nyoroa haholo, eaba o qala ho ipiletsa ho Jehova o re: “Ke uena ea faneng ka poloko ena e khōlō letsohong la mohlanka oa hao,+ ’me na joale ke tla shoa ke lenyora ’me na ke tla oela liatleng tsa ba sa bollang?”+
36 Mohlanka oa hao o ile a bolaea tau le bere; ’me Mofilista enoa ea sa bollang+ o tla ba joaloka e ’ngoe ea tsona, kaha o nyelisitse+ makhotla+ a Molimo ea phelang.”+
26 Egepeta+ le Juda+ le Edomo+ le bara ba Ammone+ le Moabe+ le bohle ba kutileng moriri oa litlhafunelo tsa bona ba lulang lefeelleng;+ etsoe lichaba tsohle ha lia bolla, ’me ntlo eohle ea Iseraele ha ea bolla pelong.”+