4 Kahoo morena a re ho bona: “Ke tla etsa eng kapa eng e bonahalang e le molemo mahlong a lōna.”+ Morena a ’na a ema lehlakoreng la heke,+ eaba batho bohle ba tsoa ka makholo le ka likete.+
24 Joale Davida o ne a lutse pakeng tsa liheke tse peli.+ Khabareng, molebeli+ a ea marulelong a heke e lerakong. Qetellong a phahamisa mahlo eaba oa talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le monna ea mathang a le mong.
10 Joale morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ne ba lutse e mong le e mong teroneng ea hae, ba apere liaparo,+ seotlong se monyako oa heke ea Samaria; ’me baprofeta bohle ba ne ba itšoara joaloka baprofeta ka pel’a bona.+
7 Ebede-meleke Moethiopia,+ monna eo e neng e le leqhalaha le ea neng a le ka tlung ea morena, a utloa hore ba ne ba kentse Jeremia ka lemeneng; ’me morena o ne a lutse Hekeng ea Benjamine.+