LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Samuele 14:47
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Saule a nka borena holim ’a Iseraele+ eaba o qala ho loantša ka hohle lira tsohle tsa hae, le Moabe+ le bara ba Ammone+ le Edomo+ le marena a Zoba+ le Bafilista;+ kae kapa kae moo a neng a retelehela teng o ne a fana ka kahlolo.+

  • 2 Samuele 10:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka mor’a nako bara ba Ammone ba bona hore ba ne ba fetohile ba nkhang hampe+ ho Davida, eaba bara ba Ammone baa romeletsa ’me ba hira Basyria ba Bethe-rehobe+ le Basyria ba Zoba,+ banna ba likete tse mashome a mabeli ba tsamaeang ka maoto, le morena oa Maaka,+ banna ba sekete, le Ishtobe, banna ba likete tse leshome le metso e ’meli.

  • Pesaleme 60:sehloohwana-12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi malebana le Khahla ea Khopotso. Miktame. Ea Davida. Bakeng sa ho ruta.+ Ha a loana le Arame-naharaime le Arame-Zoba, ’me Joabe a qala ho khutla ’me a bolaea Edomo Phuleng ea Letsoai, esita le ba likete tse leshome le metso e ’meli.+

      60 Molimo, u re lahlile, u re qhalakantse,+

      U tukile ke bohale. U lokela ho re hlasimolla.+

       2 U entse hore lefatše le reketle, u le petsotse.+

      Folisa makhalo a lona, kaha le sisinyehile.+

       3 U entse hore batho ba hao ba bone tsietsi.+

      U re noesitse veine e etsang hore re tsamaee re thekesela.+

       4 U file ba u tšabang pontšo+

      Hore ba balehe ka ho tsoelipana ka lebaka la seqha. Selah.

       5 E le hore baratuoa ba hao ba ka pholosoa,+

      U pholose ka letsoho la hao le letona ’me u re arabe.+

       6 Molimo o buile khalalelong ea hae:+

      “Ke tla thaba, ke tla fana ka Shikeme e le kabelo;+

      Ke tla lekanya khohlo ea Sukothe.+

       7 Gileade ke ea ka le Manase ke ea ka,+

      Efraime ke qhobosheane ea motho oa ka ea ka sehloohong;

      Juda ke lere la ka la molaoli.+

       8 Moabe ke pitsa eo ke hlatsoetsang ho eona.+

      Ke tla lahlela moqathatso oa ka holim’a Edomo.+

      Ke tla hooa ka tlhōlo holim’a Filistia.”+

       9 Ke mang ea tla ntlisa motseng o lika-likelitsoeng?+

      Ke mang eo ka sebele a tla ntsamaisa ho ea fihla Edomo?+

      10 Na hase uena, Molimo, ea re lahlileng+

      Le ea sa tsamaeeng le mabotho a rōna u le Molimo?+

      11 U re thuse mahlomoleng,+

      Kaha poloko ea motho oa lefatše ha e na thuso.+

      12 Re tla fumana mafolofolo ka Molimo,+

      Eena o tla hatakela bahanyetsi ba rōna.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share