LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 25:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim ’a sekoahelo,+ pakeng tsa likerubime tse peli tse holim ’a areka ea bopaki.+

  • Numere 7:89
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 89 Joale neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le eena,+ o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim ’a sekoahelo+ se holim ’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli;+ ’me o ne a bua le eena.

  • 1 Samuele 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Kahoo batho ba romeletsa Shilo ’me ho tloha moo ba jara areka ea selekane sa Jehova oa mabotho, ea lutseng holim ’a likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli ba ne ba le moo le areka ea selekane sa Molimo oa ’nete, e leng Hofni le Finease.+

  • 2 Samuele 6:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Joale Davida le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba ea Baale-juda+ ho ea lata areka ea Molimo oa ’nete, moo ho ipiletsoang lebitsong, lebitsong+ la Jehova oa mabotho,+ ea lutseng holim ’a likerubime.+

  • 2 Marena 19:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ezekiase a qala ho rapela+ ka pel’a Jehova a re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea lutseng holim ’a likerubime,+ uena u le mong u Molimo oa ’nete oa mebuso eohle ea lefatše.+ U entse maholimo+ le lefatše.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share