16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+
20Joale ho ne ho e-na le monna e mong ea se nang molemo,+ eo lebitso la hae e neng e le Sheba,+ mora oa Bikri Mobenjamine; a letsa lenaka+ ’me a re: “Ha re na kabelo ho Davida, ’me ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ee ho melimo+ ea hae, Uena Iseraele!”
26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena; ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+