7 Etsoe serapa+ sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata.+ O ile a ’na a lebella kahlolo,+ empa, bonang! tlōlo ea molao; a lebella ho loka, empa, bonang! mohoo.”+
21 Ha e le ’na, ke ne ke u hlomme hore u be sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu,+ kaofela ha sona e le peō ea ’nete. Kahoo u mphetohetse joang hore u be letlōbō le bolileng la sefate sesele sa morara?’+
10 “‘’M’ao+ o ne a le joaloka sefate sa morara maling a hao,+ se jetsoeng haufi le metsi. O ile a fetoha ea behang litholoana le ea tletseng makala ka lebaka la metsi a mangata.+