Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 34:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Jehova a qala ho feta ka pel’a sefahleho sa hae ’me a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau+ le ea mosa,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato+ le ’nete,+

  • Numere 14:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 ‘Jehova, ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara, ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone.’+

  • Deuteronoma 32:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe Jehova o tla ahlola batho ba hae+

      ’Me o tla ikutloa a soabile ka bahlanka ba hae,+

      Hobane o tla bona hore setšehetso se nyametse

      ’Me ho teng feela ea se nang thuso le eo e seng oa bohlokoa.

  • Baahlodi 2:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ha Jehova a ne a ba hlahisetsa baahloli,+ Jehova o ne a e-ba le moahloli eo, ’me o ne a ba pholosa matsohong a lira tsa bona ka matsatsi ’ohle a moahloli eo; kaha Jehova o ne a ikutloa a soabisitsoe+ ke ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona+ le ba neng ba ba tšoenya.

  • 2 Samuele 24:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Lengeloi la ’na la otlollela letsoho la lona Jerusalema hore le e felise; Jehova a qala ho ikutloa a soabile+ ka lebaka la tlokotsi eo, kahoo a re ho lengeloi le neng le tlisa pheliso har’a batho: “Ho lekane! Joale theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le le haufi le seotlo sa Arauna Mojebuse.+

  • Pesaleme 51:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 Mpontše mohau, Molimo, ho ea ka mosa oa hao o lerato.+

      Hlakola litlōlo tsa ka ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao.+

  • Pesaleme 69:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Nkarabe, Jehova, etsoe mosa oa hao o lerato o molemo.+

      Retelehela ho ’na ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao,+

  • Pesaleme 86:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Empa, Jehova, u Molimo ea mohau le ea mosa,+

      Ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.+

  • Pesaleme 90:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Khutla, Jehova!+ E tla ba halelele hakae?+

      U ikutloe u soabile ka lebaka la bahlanka ba hao.+

  • Esaia 63:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ke tla bolela mosa oa Jehova o lerato,+ lithoriso tsa Jehova, ho ea ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona,+ esita le molemo o mongata ho ntlo ea Iseraele+ oo a e fileng oona ho ea ka mehauhelo+ ea hae le ho ea ka bongata ba mosa oa hae o lerato.

  • Joele 2:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Le hahole lipelo+ tsa lōna, eseng liaparo+ tsa lōna; ’me le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, kaha o mosa ’me o mohau,+ o lieha ho halefa+ ’me o tletse mosa o lerato,+ ’me ka sebele o tla ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela