6 Le li boloke ’me le li phethe, hobane sena ke bohlale+ ho lōna le kutloisiso+ ho lōna ka pel’a mahlo a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ea tsamaiso, ’me ka sebele li tla re, ‘Sechaba sena se seholo ntle ho pelaelo ke batho ba bohlale le ba utloisisang.’+
12 “Ke motho ofe ea bohlale, e le hore a ka utloisisa see, le eo molomo oa Jehova o buileng le eena, e le hore a ka ho bolela?+ Ke ka lebaka lefe naha e lokelang ho timela, e chesoe joaloka lefeella ho se na ea fetang ho eona?”+
9 Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee?+ Ea masene, e le hore a ka li tseba?+ Etsoe litsela tsa Jehova li lokile,+ ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona;+ empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.+