LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Nehemia 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Utloa,+ Molimo oa rōna, kaha re fetohile ba eisehang;+ u khutlisetse nyeliso+ ea bona holim ’a lihlooho tsa bona, ’me u nehelane ka bona tlatlapong naheng ea kholeho.

  • Nehemia 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Eitse hang ha lira+ tsa rōna tsohle li ho utloa le lichaba tsohle tse neng li re potolohile li ho bona, hang-hang tsa nyahama haholo mahlong a tsona, ’me tsa tseba hore mosebetsi ona o entsoe ho tsoa ho Molimo oa rōna.+

  • Pesaleme 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Lira tsohle tsa ka li tla hlajoa ke lihlong+ haholo ’me li khathatsehe;

      Li tla khutla, li tla hlajoa ke lihlong hang-hang.

  • Esaia 41:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 “Bona! Bohle ba u halefelang ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe.+ Batho ba qabanang le uena ba tla fetoha lefeela ’me ba tla timela.+

  • Jeremia 20:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na+ joaloka senatla se tšabehang.+ Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.+ Ka sebele ba tla hlabisoa lihlong haholo, kahobane ba tla be ba sa atleha. Ho tlotloloha ha bona ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ho ke ke ha lebaloa.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share