12 Ka sebele ba tla tla ’me ba hoeletse ka thabo phahameng ea Sione+ ’me ba tlale thabo ka lebaka la molemo oa Jehova,+ ka lijo-thollo le ka veine e ncha+ le ka oli le ka likonyana le manamane.+ Meea ea bona e tla ba joaloka serapa se nang le metsi a mangata,+ ’me ha ba sa tla hlola ba tepella.”+
27 Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang,+ empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona; kaha Ntate, eena Molimo, o behile tiiso ea hae ea kamohelo holim ’a hae.”+