LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Jobo 24:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ba phahame ka nakoana, ’me ha ba sa le eo,+

      Ba theoletsoe tlaase;+ ba khuoa joaloka e mong le e mong,

      Ba khaoloa joaloka hlooho ea qoapi ea lijo-thollo.

  • Moeklesia 6:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Etsoe ke mang ea tsebang hore na ke molemo ofe oo motho a bang le oona bophelong+ ka palo ea matsatsi a bophelo ba hae ba lefeela, ha a a sebelisa joaloka seriti?+ Etsoe ke mang ea ka bolellang motho se tla etsahala ka mor’a hae tlas’a letsatsi?+

  • Luka 12:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena.+ Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’+

  • Jakobo 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Etsoe letsatsi le chaba ka mocheso oa lona o bataolang ’me le omeletsa semela, ’me palesa ea sona ea hlohloreha ebe botle ba ponahalo ea eona ea ka ntle boa senyeha. Kahoo, morui le eena o tla pona litseleng tsa hae tsa bophelo.+

  • 2 Petrose 2:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Hape, ka ho chacheha ka mohono e tla le hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.+ Empa bakeng sa eona, kahlolo ea ho tloha khale+ ha e tsamaee butle, le timetso ea eona ha e otsele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share