7Ka hona, kaha re na le litšepiso+ tsena, baratuoa, a re itlhatsoeng+ litšila tsohle tsa nama le tsa moea,+ re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.+
2 Etsoe ke le boulela ka poulelo+ ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa monna a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng+ ho Kreste.+
27 e le hore a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang,+ e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo, empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.+
14 Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba+ ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.+