17 Ka lebaka leo o ile a tlameha ho ba joaloka “barab’abo” ka litsela+ tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo,+ e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano+ bakeng sa libe tsa batho.+
6 empa Kreste o ile a tšepahala e le Mora+ holim ’a ntlo ea Eo. Re ntlo ea Eo,+ haeba re tiisa ho tšoarella ha rōna ka tieo ho bueng ha rōna ka bolokolohi le ho ithoriseng ha rōna ka tšepo ho isa bofelong.+