14 Ke tla u etsa lefika le benyang, le se nang letho ka holimo.+ U tla fetoha sebaka seo ho omisetsoang ho sona matlooa a huloang.+ Le ka mohla u ke ke ua tsosolosoa; etsoe ’na, Jehova, ke boletse,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.+
“‘“U timetse hakaakang, uena ea neng a e-na le baahi maoatleng, Uena motse o rorisoang, o fetohileng o matla leoatleng,+ oona le ba ahileng ho oona, ba tšositseng baahi bohle ba lefatše!