LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 3:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Eaba o re: “Hobane ke tla ba le uena,+ ’me ena ke pontšo ho uena ea hore ke ’na ea u romileng:+ Ka mor’a hore u ntše sechaba seo Egepeta, le tla sebeletsa Molimo oa ’nete thabeng ena.”+

  • Deuteronoma 31:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Le be sebete ’me le be matla.+ Le se ke la tšoha kapa la haroha matsoalo ka pel’a tsona,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela ka ho feletseng.”+

  • Joshua 1:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ha ho ea tla ema a tiile ka pel’a hao matsatsing ’ohle a bophelo ba hao.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela ka ho feletseng.+

  • Jeremia 15:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Ho sechaba sena ke u entse lerako la koporo le etselitsoeng qhobosheane;+ ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla.+ Etsoe ke na le uena, ho u pholosa le ho u lopolla,”+ ho bolela Jehova.

  • Diketso 18:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 hobane ke na le uena+ ’me ha ho motho ea tla u hlasela ho u ntša kotsi; etsoe ke na le batho ba bangata motseng ona.”

  • Diketso 26:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ha ke ntse ke u lopolla ho batho bana le ho lichaba, tseo ke u romelang+ ho tsona,

  • 2 Bakorinthe 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa ’me o tla re pholosa;+ ’me tšepo ea rōna e ho eena hore o tla boela a re pholose ka ho eketsehileng.+

  • Baheberu 13:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 E le hore re ka ba sebete+ ’me ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share