Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 65:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke tla le abela sabole,+ ’me kaofela le tla inama hore le bolaoe;+ ka lebaka la hore ke hoelelitse,+ empa ha lea ka la araba; ke buile, empa ha lea ka la mamela;+ le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka,+ ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.”+

  • Esaia 66:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ke tla khetha litsela tsa ho ba tšoara hampe;+ ’me ke tla ba tlisetsa lintho tse ba tšosang; ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ho ne ho se ea arabang; ke buile, empa ho ne ho se ea mamelang;+ ba ’na ba etsa se sebe mahlong a ka, ’me ba khetha ntho e sa nkhahliseng.”+

  • Jeremia 7:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Joale ka lebaka la hore le ’nile la etsa mesebetsi ena eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ka la mamela,+ ke ’nile ka le bitsa, empa ha lea ka la araba,+

  • Jeremia 26:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ka hore le mamele mantsoe a bahlanka ba ka baprofeta, bao ke ba romelang ho lōna, ke tsoha hoseng ke ba romela, bao le sa kang la ba mamela,+

  • Jeremia 32:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Ba ’na ba retelletsa mekokotlo ho ’na eseng lifahleho;+ le hoja ba rutiloe, le hoja ho tsohiloe hoseng ba rutoa, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a mamela hore a amohele taeo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela