Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 19:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Letsatsing leo Egepeta e tla tšoana le basali, ’me ka sebele e tla thothomela+ e tšohe ka lebaka la letsoho la Jehova oa mabotho le tsokoang leo a le tsokang khahlanong le eona.+

  • Jeremia 6:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 U se ke ua tsoela tšimong, ’me u se ke ua tsamaea le tseleng; etsoe ho na le sabole ea sera, ho na le tšabo ka hohle.+

  • Jeremia 49:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Litente+ tsa bona le mehlape+ ea bona e tla nkoa, masela a bona a tente+ le lintho tsohle tsa bona. Likamele+ tsa bona li tla nkoa ho bona. Ka sebele ba tla ba hoeletsa, ‘Tšabo e ka hohle!’”+

  • Ezekiele 32:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li tlale tšabo ka lebaka la hao,+ ’me marena a tsona a tla tlakasela ka ho nyaroha ka lebaka la hao ha ke tsoka sabole ea ka lifahlehong tsa tsona,+ ’me a tla lokela ho thothomela motsotso o mong le o mong, e mong le e mong bakeng sa moea oa hae, letsatsing la ho oa ha hao.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela