LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 29:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+

  • 1 Marena 9:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova Molimo oa bona ea ntšitseng baholo-holo ba bona naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa. Ke ka lebaka leo Jehova a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+

  • Jeremia 2:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 “Empa u re, ‘Ke lutse ke hloka molato. Ruri bohale ba hae bo tlohile ho ’na.’

      “Bona! ke kena tsekong le uena ka lebaka la hore u re, ‘Ha kea etsa sebe.’+

  • Jeremia 13:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ha u tla be u re ka pelong,+ ‘Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke lintho tsee?’+ ka lebaka la bongata ba liphoso tsa hao seaparo sa hao se tlositsoe hore se se ke sa u koahela;+ lirethe tsa hao li tšoeroe ka mabifi.

  • Jeremia 16:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Etlare ha u bolella sechaba sena mantsoe ana ’ohle ’me se re ho uena, ‘Ke ka lebaka lefe Jehova a boletseng tlokotsi ena eohle e khōlō khahlanong le rōna, ’me phoso ea rōna ke efe le sebe seo re sitetsoeng Jehova Molimo oa rōna ka sona ke sefe?’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share