LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 12:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 U se ke ua etsa ka tsela eo ho Jehova Molimo oa hao,+ etsoe li etselitse melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e manyala ho Jehova eo a e hloileng, etsoe esita le bara ba tsona le barali ba tsona kamehla li ba chesetsa melimo ea tsona mollong.+

  • 2 Marena 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ba tsoela pele ho fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong+ le ho sebelisa bonohe+ le ho batla lipontšo tsa se tlang,+ ’me ba ’na ba ithekisetsa+ ho etsa se sebe mahlong a Jehova, ho mo siteloa;+

  • Pesaleme 106:37
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 37 Ba ne ba hlabela bademona bara ba bona+

      Le barali ba bona.+

  • Pesaleme 106:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+

      Mali a bara ba bona le barali ba bona,

      Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+

      Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+

  • Esaia 57:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ba tsosang takatso e matla har’a lifate tse khōlō,+ tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+ ba bolaeang bana liphuleng tsa molapo o phoroselang tlas’a mafaru a mafika?+

  • Ezekiele 16:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “‘Ua nka bara ba hao le barali ba hao bao u ntsoaletseng bona,+ ua ba etsa sehlabelo bakeng sa tsona hore li ba harole+—na liketso tsa hao tsa botekatse ha lia lekana?

  • Ezekiele 20:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ha le phahamisa limpho tsa lōna ka ho fetisa bara ba lōna mollong,+ na lea itšilafatsa bakeng sa litšoantšo tsohle tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang ho fihlela kajeno?+ Ka nako e tšoanang na le tla mpotsa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+

      “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘Le ke ke la mpotsa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share