LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 18:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “‘Le se ke la itšilafatsa ka e ’ngoe ea lintho tsena, hobane lichaba tseo ke li tlosang ka pel’a lōna li itšilafalitse ka lintho tsena tsohle.+

  • Numere 35:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 “‘Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha,+ ’me bakeng sa naha ho ke ke ha e-ba le ho koaheloa ha libe mabapi le mali a tšolotsoeng holim ’a eona ntle le ka mali a ea a tšollang.+

  • Deuteronoma 21:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 setopo sa hae ha sea lokela ho hlola bosiu bohle thupeng;+ empa ruri u mo pate letsatsing lona leo, hobane ea fanyehiloeng ke ntho e rohakiloeng ke Molimo;+ u se ke ua silafatsa naha ea heno, eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa.+

  • Pesaleme 78:58
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 58 Ba ’na ba mo siteloa ka libaka tsa bona tse phahameng,+

      Ba ’na ba mo susumelletsa poulelong ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng.+

  • Pesaleme 106:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 Kahoo ba ’na ba tšolla mali a hlokang molato,+

      Mali a bara ba bona le barali ba bona,

      Bao ba ileng ba ba hlabela litšoantšo tse rapeloang tsa Kanana;+

      Naha ea silafala ke tšollo ea mali.+

  • Jeremia 16:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Pele ho tsohle, ke tla buseletsa liphoso tsa bona+ le libe tsa bona ka ho feletseng, ka lebaka la ho silafatsa ha bona naha ea ka.+ Ba ne ba tlatsitse lefa la ka ka litopo tsa lintho tsa bona tse nyonyehang le ka lintho tsa bona tse manyala.’”+

  • Ezekiele 36:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Mor’a motho, ba ntlo ea Iseraele ba ne ba lula naheng ea bona, ’me ba ’na ba e silafatsa ka litsela tsa bona le ka mesebetsi ea bona.+ Tsela ea bona e joaloka ho se hloeke ha ho ilela khoeli ka pel’a ka.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share