7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”
10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+
12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng;+ u bona liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona,+ etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+