LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Numere 11:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Joale Jehova a theoha a le lerung+ ’me a bua le eena+ eaba o nka o mong oa moea+ o neng o le ho eena ’me o o beha ho e mong le e mong oa banna ba baholo ba mashome a supileng. Eitse hang ha moea o theohela ho bona, joale ba itšoara joaloka baprofeta; empa ha baa ka ba ho etsa hape.+

  • 1 Samuele 10:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka sebele moea+ oa Jehova o tla sebetsa holim ’a hao, ’me ka sebele u tla bua joaloka moprofeta+ hammoho le bona ’me u fetohe motho e mong.

  • Ezekiele 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Moea oa qala ho kena ho ’na hang ha a buile le ’na,+ qetellong oa nkemisa ka maoto e le hore nka utloa Ea buang le ’na.

  • Ezekiele 3:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Joale moea oa kena ka ho ’na+ ’me oa nkemisa ka maoto,+ eaba o qala ho bua le ’na o re ho ’na:

      “Tloo, u ikoalle ka har’a ntlo ea hao.

  • Mikea 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka lehlakoreng le leng, ke tletse matla, ka moea oa Jehova, le oa toka le bonatla,+ e le ho bolella Jakobo bofetoheli ba hae le Iseraele sebe sa hae.+

  • 2 Petrose 1:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho,+ empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo+ ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share