LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 5:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ka hona feela joalokaha mollo o chesa litlhaka+ ’me joang bo omileng bo chesoa ke lelakabe, motso oa bona o tla ba joaloka monko oa ho bola,+ le thunthung ea bona e nyolohe joaloka phofo, hobane ba lahlile molao oa Jehova oa mabotho,+ ’me ba hlompholotse+ polelo ea Mohalaleli oa Iseraele.

  • Jeremia 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 O tsoile joaloka tau moferong oa eona,+ ’me ea senyang lichaba o tsamaile;+ o tlohile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ea hao ntho e makalloang. Metse ea hao e tla fetoha lithako hoo ho ke keng ha e-ba le moahi.+

  • Jeremia 7:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, le sefateng sa tšimo+ le litholoaneng tsa naha; e tla tuka, ’me e ke ke ea tima.’+

  • Ezekiele 20:47
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 U tla re ho moru o ka boroa, ‘Utloa lentsoe la Jehova. Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke hotetsa mollo khahlanong le uena,+ ’me ho uena o tla chesa sefate se seng le se seng se ntseng se le mongobo le sefate se seng le se seng se omeletseng.+ Lelakabe le tukang le ke ke la tima,+ ’me le tla tlabola lifahleho tsohle ho tloha boroa ho ea leboea.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share