17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle;+ ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona.+
7 Bara ba Iseraele ba ata ’me ba qala ho ngatafala; ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla haholo ka tekanyo e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.+
37 Bara ba Iseraele ba tloha Ramsese+ ba ea Sukothe,+ e le palo ea banna ba shahlileng ba likete tse makholo a tšeletseng ba tsamaeang ka maoto, ntle ho bana ba banyenyane.+
17 “Hantle feela ha nako e ne e atamela ea ho phethahala ha tšepiso eo Molimo a neng a e boleletse Abrahama pepenene, sechaba sa eketseha ’me sa ata Egepeta,+