33 A qala ho etsa linyehelo holim ’a aletare eo a neng a e entse Bethele ka letsatsi la leshome le metso e mehlano ka khoeli ea borobeli, ka khoeli eo a neng a iqapetse eona;+ a etsetsa bara ba Iseraele mokete le ho etsa linyehelo holim ’a aletare ho etsa mosi oa sehlabelo.+
7 bakeng sa liphoso tsa bona le bakeng sa liphoso tsa baholo-holo ba bona ka nako e tšoanang,”+ ho boletse Jehova. “Kahobane ba entse mosi oa sehlabelo holim ’a lithaba, ’me ba ’nyelisitse+ holim ’a maralla,+ le ’na ke tla lekanya moputso oa bona pele ho tsohle lifubeng sa bona.”+
15 Etsoe sechaba sa ka se ntebetse+ ka hore ebe se etsetsa ho hong ho se nang thuso+ mosi oa sehlabelo, le ka hore se etsa hore batho ba khoptjoe litseleng tsa bona,+ litseleng tsa khale,+ hore ba tsamaee litseleng, tseleng e sa etsetsoang tutulu,
2 Joale ba etsa sebe se eketsehileng ’me ba iketsetsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa ha silevera ea bona,+ litšoantšo tse rapeloang ho ea ka kutloisiso ea bona,+ mosebetsi oa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho, kaofela ha tsona.+ Ba re ho tsona, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ake manamane.’+