Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Eaba Hazaele o re: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a lla?” Eaba o re: “Kahobane ke tseba hantle se kotsi+ seo u tlang ho se etsa ho bara ba Iseraele. Libaka tsa bona tse etselitsoeng liqhobosheane u tla li chesa ka mollo, ’me banna ba bona ba khethehileng u tla ba bolaea ka sabole, ’me bana ba bona u tla ba robakanya,+ le basali ba bona ba baimana u tla ba tabola.”+

  • 2 Marena 10:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Matsatsing ao Jehova a qala ho khaola Baiseraele hanyane ka hanyane; Hazaele+ a ’na a ba bolaea naheng eohle ea Iseraele,

  • 2 Marena 10:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 ho tloha Jordane ho ea nģ’a bochaba-tsatsi, naha eohle ea Gileade,+ Bagade+ le Barubene+ le Bamanase,+ ho tloha Aroere,+ e leng haufi le phula ea molapo o phoroselang ea Arnone, esita le Gileade le Bashane.+

  • 2 Marena 13:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Etsoe o ne a sa siela Joakaze batho leha e le bafe haese banna ba lipere ba mashome a mahlano le likoloi tse leshome le banna ba likete tse leshome ba tsamaeang ka maoto,+ hobane morena oa Syria o ne a ba timelitse,+ e le hore a ka ba etsa hore ba tšoane le lerōle ha ho poloa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela